Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 6:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 paki ea bohata e phatlalatsang mashano,+ le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.+

  • Liproverbia 20:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ea tsamaeang e le moetselletsi o senola lekunutu;+ ’me u se ke ua ba le setsoalle le ea ekoang ke molomo oa hae.+

  • Johanne 8:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose,+ ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a+ lōna. E ne e le ’molai ha a qala,+ ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.+

  • Bakolose 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Le se ke la bolellana leshano.+ Hlobolang botho ba khale+ le litloaelo tsa bona,

  • 1 Timothea 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka ho tšoanang basali ba lokela ho nka lintho ka botebo, e se ke ea e-ba ba etselletsang,+ e be ba itekanetseng+ mekhoeng, ba tšepahalang linthong tsohle.+

  • Tšenolo 21:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+

  • Tšenolo 22:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka ntle ke lintja+ le ba sebelisanang le meea+ le lihlola+ le babolai le barapeli ba litšoantšo le e mong le e mong ea ratang leshano le ea tsoelang pele ka lona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela