7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”
12 Haeba u ka re: “Bonang! Re ne re sa tsebe sena,”+ na ea lekanyang lipelo a ke ke a ho lemoha,+ ’me ea hlokomelang moea oa hao a tsebe+ ’me ka sebele a buseletse motho oa lefatše ho ea ka mosebetsi oa hae?+
10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+