Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 22:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 U tla pholosa batho ba ikokobelitseng;+

      Empa mahlo a hao a khahlanong le ba ikhohomosang, e le hore u ka ba theolela tlaase.+

  • Pesaleme 10:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise;+

      Likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: “Molimo ha a eo.”+

  • Pesaleme 18:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Hobane u tla pholosa batho ba hlorileng;+

      Empa u tla kokobetsa mahlo a ikhohomosang.+

  • Pesaleme 101:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Mang kapa mang ea etselletsang motsoalle oa hae sephiring,+

      Kea mo khutsisa.+

      Mang kapa mang ea mahlo a ikhohomosang le ea pelo e ikakasang,+

      Nke ke ka mo mamella.+

  • Liproverbia 6:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 mahlo a iphahamisang,+ leleme la bohata,+ le matsoho a tšollang mali a hlokang molato,+

  • Liproverbia 14:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Molamu oa boikhohomoso o molomong oa leoatla,+ empa melomo ea ba bohlale e tla ba lebela.+

  • Esaia 2:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Mahlo a ikhohomosang a motho oa lefatše a tla kokobela, ’me bophahamo ba batho bo tla kokobela;+ ke Jehova feela ea tla behoa phahameng letsatsing leo.+

  • Luka 18:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Kea le bolella, Monna enoa o ile a theohela lapeng la hae e le ea lokileng+ ho feta monna eane; hobane e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+

  • 1 Petrose 5:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka mokhoa o tšoanang, lōna banna ba bacha, le ipehe tlas’a+ banna ba baholo. Empa kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong,+ hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela