23 Empa mosali oa hae a re ho eena: “Haeba Jehova a ne a thabela ho re bolaea, a ka be a sa amohela nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo matsohong a rōna,+ ’me a ka be a sa re bontša lintho tsena tsohle, ’me joale a ka be a sa re lumella ho utloa ntho leha e le efe e tjena.”+
31 Sena e se ke ea e-ba sesosa sa ho thekesela ho uena kapa khopiso pelong ea moren ’a ka, ka ho tšolla mali ntle ho lebaka+ le ka ho etsa hore letsoho la moren ’a ka le mo boloke.+ Ka sebele Jehova o tla etsetsa moren ’a ka molemo, ’me u hopole+ lekhabunyane la hao.”
16 Mosali e mong ea bohlale+ a qala ho hoeletsa a le motseng: “Mamelang, banna, mamelang! Ka kōpo, e-reng ho Joabe, ‘Atamela u tl’o fihla mona, ’me ke bue le uena.’”
8 Haeba ke fumane kamohelo mahlong a morena+ ’me haeba ho morena ho bonahala ho le molemo ho phethahatsa kōpo ea ka e matla le ho phetha seo ke se kōpang, morena le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla ba tšoarela oona hosasane, ’me hosasane ke tla etsa ho ea ka lentsoe la morena.”+
26 Monna enoa a qala ho bua ka sebete ka synagogeng. Ha Prisilla le Akuila+ ba mo utloa, ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.
3 Ka ho tšoanang basali ba hōlileng+ e ke e be ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong, e se ke ea e-ba ba etselletsang,+ kapa makhoba a veine e ngata, e be mesuoe ea se molemo;