4 “Ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka,+ ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+
12 Etsoe hona joale re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe,+ empa ka nako eo e tla ba ka lifahleho tse talimaneng.+ Hona joale ke tseba ka mokhoa o sa fellang, empa ka nako eo ke tla tseba ka mokhoa o nepahetseng esita le joalokaha ke tsejoa ka mokhoa o nepahetseng.+
6 Etsoe Molimo ke eena ea ileng a re: “Leseli le ke le khanye lefifing,”+ ’me o khantšelitse lipelo tsa rōna ho etsa hore li khanye+ ka tsebo+ e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste.+
19 Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta+ le tiisitsoeng haholoanyane;+ ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone+ le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso+ e hlaha, ka lipelong tsa lōna.