5 “Haeba monna a nka mosali e mocha,+ ha aa lokela ho ea lebothong, kapa a imetsoe ka ntho leha e le efe e ’ngoe. A tsoele pele a lokolohile ka tlung ea hae ka selemo se le seng, ’me a thabise mosali eo a mo nkileng.+
9 Thabela bophelo le mosali eo u mo ratang+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao ba lefeela ao A u fileng ’ona tlas’a letsatsi, matsatsi ’ohle a lefeela la hao, kaha eo ke kabelo ea hao bophelong+ le mosebetsing oa hao o thata oo ka oona o sebetsang ka thata tlas’a letsatsi.
15 Ho na le e mong ea sa kang a ho etsa, kaha moea o ne o setse ho eena. Eo o ne a batla’ng? Peō ea Molimo.+ Le itebele mabapi le meea ea lōna,+ ’me ho se ke ha e-ba le ea mong ea sebetsanang ka bolotsana le mosali oa bocha ba lōna.+