Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 a ipehele balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano,+ le ba bang ho mo lemela+ le ho mo kotulela+ lijalo tsa hae le ho etsa likofuto tsa hae tsa ntoa+ le likofuto tsa hae tsa likoloi.+

  • 1 Marena 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Solomone o ne a e-na le matona a leshome le metso e ’meli a okametseng Baiseraele bohle, ’me a ne a fa morena le ba ntlo ea hae lijo. Ho ne ho e-ba matleng a le leng le le leng ho fana ka lijo ka khoeli e le ’ngoe ka selemo.+

  • 1 Marena 21:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Kahoo Akabe a bua le Nabothe, a re: “Mphe+ serapa sa hao sa morara,+ e le hore e ka ba serapa+ sa ka sa meroho,+ kaha se haufi le ntlo ea ka; sebakeng sa sona e-re ke u fe serapa sa morara se molemo ho se feta. Kapa haeba ho le molemo mahlong a hao,+ ke tla u fa chelete e le theko ea sona.”

  • 2 Likronike 26:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ho ekelletsa moo, a haha litora+ lefeelleng, ’me a cheka liliba tse ngata (etsoe o ne a e-na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng), le Shefela+ le sehlabeng. Ho ne ho e-na le lihoai le balemi ba morara lithabeng le Karmele, etsoe o ne a rata temo.

  • Sefela sa Lifela 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Serapa sa ka sa morara, seo e leng sa ka, se taolong ea ka. Sekete ke sa hao, Uena Solomone, ’me makholo a mabeli ke a ba hlokomelang litholoana tsa sona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela