7 “Etsoe ba ntse ba jala moea, ’me ba tla kotula moea oa sefefo.+ Ha ho letho le nang le lijo-thollo tse ntseng li le mahlakeng.+ Ha ho lehlōmela le hlahisang phofo.+ Haeba mohlomong leha e le lefe le ka e hlahisa, basele ba tla e metsa.+
26 Etsoe ho tla ba le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke moea oa hae?+ kapa motho o tla fana ka eng e le phapanyetsano+ bakeng sa moea oa hae?
27 Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang,+ empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona; kaha Ntate, eena Molimo, o behile tiiso ea hae ea kamohelo holim ’a hae.”+