16 A re ho mosali: “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo;+ u tla tsoala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi,+ ’me u tla ba le takatso bakeng sa monna oa hao, ’me o tla u laola.”+
14 Ba ’na ba hlokofatsa bophelo ba bona ka bokhoba bo boima ka ho etsa seretse sa letsopa+ le litene le ka mofuta o mong le o mong oa bokhoba masimong,+ e, mofuta o mong le o mong oa bokhoba ba bona oo ba neng ba ba sebelisa ho oona e le makhoba tlas’a khatello.+
7 Ba bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo+ a hae, ’me a foufatsa+ Tsedekia mahlo, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo+ tsa koporo a mo tlisa Babylona.+
3 Matsoho a bona a holim ’a se sebe, ho ipabola ho sona;+ khosana e kōpa ho hong, ’me ea ahlolang o etsa joalo bakeng sa moputso,+ ’me e moholo o bua se lakatsoang ke moea oa hae, oa hae ka boeena;+ ’me baa se lohella.