Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 37:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea khopo oa alima ’me ha a busetse,+

      Empa ea lokileng o bontša mohau ’me o fana ka limpho.+

  • Luka 6:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”+

  • Liketso 4:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Ho feta moo, letšoele la ba neng ba lumetse le ne le e-na le pelo e le ’ngoe le moea o le mong,+ ’me ho ne ho se le ea mong ea neng a re leha e le efe ea lintho tseo a neng a e-na le tsona ke ea hae; empa ba ne ba kopanela lintho tsohle.+

  • 2 Bakorinthe 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono+ kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.+

  • 1 Timothea 6:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 hore ba sebetse se molemo,+ hore ba rue mesebetsing+ e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela