Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 11:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Na u ka fumana lintho tse tebileng tsa Molimo,+

      Kapa na u ka fumana pheletso ea Ea Matla ’Ohle?

  • Jobo 26:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+

      Ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena!

      Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”+

  • Pesaleme 40:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 U entse lintho tse ngata,+

      Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna;+

      Ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.+

      Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona,

      E mengata ho feta kamoo nka e phetang.+

  • Moeklesia 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke ile ka bona mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete,+ kamoo moloko oa batho o sa khoneng ho fumana mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi;+ ho sa tsotellehe hore na moloko oa batho o tsoela pele ho sebetsa haholo hakae ho batla, empa leha ho le joalo ha o fumane.+ Hape esita le haeba ba ka re ba bohlale ka ho lekaneng ho tseba,+ ba ne ba ke ke ba khona ho fumana.+

  • Baroma 11:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 O! botebo ba maruo+ le bohlale+ le tsebo+ ea Molimo! Likahlolo+ tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela