8 Leha ho le joalo, a tlohela keletso eo banna ba baholo ba neng ba mo elelitse ka eona, ’me a qala ho rerisana le bahlankana ba neng ba hōtse le eena,+ ba neng ba mo sebeletsa.+
9 Kahoo Shishake+ morena oa Egepeta a futuhela Jerusalema ’me a nka matlotlo a ntlo ea Jehova+ le matlotlo a ntlo ea morena.+ A nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe; kahoo a nka lithebe tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+