Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 15:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka nako eo Moshe le bara ba Iseraele ba qala ho binela Jehova pina ena ’me ba bua se latelang:+

      “E-re ke binele Jehova, kaha o phahame haholo.+

      O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.+

  • Deuteronoma 31:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “Joale ingolleng pina+ ena ’me le e rute bara ba Iseraele.+ E beheng melomong ea bona e le hore pina ena e ka ba bopaki ba ka khahlanong le bara ba Iseraele.+

  • Baahloli 5:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Letsatsing leo Debora+ hammoho le Barake+ mora oa Abinoame+ ba tlerola pina,+ ba re:

  • 2 Samuele 22:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Davida a bua le Jehova mantsoe a pina+ ena ka letsatsi leo ka lona Jehova a neng a mo lopolotse liatleng tsa lira+ tsohle tsa hae le seatleng sa Saule;+

  • Pesaleme 18:sehlooho
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi. Ea mohlanka oa Jehova, ea Davida, ea ileng a bua le Jehova mantsoe a pina ena letsatsing leo ka lona Jehova a neng a mo lopolotse liatleng tsa lira tsohle tsa hae le letsohong la Saule.+ Eaba o re:

  • Esaia 5:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka kōpo, a nke ke binele moratuoa oa ka pina ea moratuoa oa ka mabapi le serapa+ sa hae sa morara. Moratuoa oa ka o ne a e-na le serapa sa morara letsoapong le behang.

  • Tšenolo 15:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ba bina pina ea Moshe+ lekhoba la Molimo le pina ea Konyana,+ ba re:

      “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao+ e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela