Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Kahobane bara ba Iseraele ba ne ba sitetsoe+ Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlas’a letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me ba qala ho tšaba melimo e meng;+

  • 2 Marena 22:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “E-eang, le botse+ Jehova bakeng sa ka le bakeng sa sechaba le bakeng sa Bajuda bohle malebana le mantsoe a buka ena e fumanoeng; etsoe e khōlō khalefo+ ea Jehova e re tuketseng ka lebaka la hore baholo-holo+ ba rōna ha baa ka ba mamela mantsoe a buka ena ka ho etsa ho ea ka sohle se ngotsoeng malebana le rōna.”+

  • Ezekiele 20:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “‘“Empa bona, ba ntlo ea Iseraele, ba ile ba mphetohela lefeelleng.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a tsoele pele a phela ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka haholo,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona lefeelleng, e le hore ke ba felise.+

  • Daniele 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 re entse sebe+ ’me re fositse le ho etsa bokhopo ’me re entse bofetoheli;+ re khelohile litaelo tsa hao le liqeto tsa hao tsa boahloli.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela