Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 18:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale, bona! u tšepile hore u tla itšetleha ka lehlaka lena le tletleraneng,+ Egepeta,+ leo, haeba motho a ka ikokotlela ka lona, ka sebele le ka mo hlabang seatla ’me le se phunye. Ke tsela eo Faro+ morena oa Egepeta a leng ka eona ho bohle ba mo tšepang.

  • Esaia 31:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+ ba itšetlehang ka lipere,+ le ba tšepang likoloi tsa ntoa,+ kahobane li le ngata, le lipere tsa ntoa, kahobane li le matla haholo, empa ba sa talima ho Mohalaleli oa Iseraele ’me ba sa batla Jehova.+

  • Esaia 31:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Leha ho le joalo, Baegepeta ke batho ba lefatše,+ hase Molimo; le lipere tsa bona ke nama,+ hase moea. Jehova o tla otlolla letsoho la hae, ’me ea fanang ka thuso o tla khoptjoa, le ea thusoang o tla oa,+ ’me ka nako e tšoanang kaofela ha bona ba tla fela.

  • Jeremia 43:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 O tla kena ’me a hlasele naha ea Egepeta.+ Mang kapa mang ea loketsoeng ke lefu la seoa le bolaeang o tla hlaheloa ke lefu la seoa le bolaeang, ’me mang kapa mang ea loketsoeng ke kholeho o tla isoa kholehong, mang kapa mang ea loketsoeng ke sabole o tla bolaoa ka sabole.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela