23 “Letsatsing leo sebakeng se seng le se seng moo ho neng ho e-na le lifate tse sekete tsa morara, tse rekoang ka likotoana tse sekete tsa silevera,+ ho tla ba le lihlahla tse meutloa le litlama-tlama.+
13 “‘Ha ke bokella, ke tla ba qeta,’ ho bolela Jehova.+ ‘Ho ke ke ha e-ba le morara sefateng sa morara,+ ’me ho ke ke ha e-ba le lifeiga sefateng sa feiga, ’me ka sebele makhasi a tla pona. Lintho tseo ke ba fang tsona li tla ba feta.’”
12 Ke tla senya sefate sa hae sa morara+ le sefate sa hae sa feiga,+ seo a itseng ka sona: “Ke mpho ho ’na, eo ke e filoeng ke ba nthatang ka takatso e matla”; ’me ke tla li beha e le moru,+ ’me ka sebele sebata sa naha se tla li timetsa.
13 Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi.+ Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona;+ ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.+