-
2 Likronike 32:15Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
15 Joale le se ke la lumella Ezekiase hore a le thetse+ kapa a le hoka-hoke+ tjena ’me le se ke la beha tumelo ho eena, etsoe ha ho na molimo oa sechaba leha e le sefe kapa ’muso ea ileng a khona ho lopolla batho ba hae letsohong la ka le matsohong a baholo-holo ba ka. Joale, Molimo oa lōna o tla sitoa ho le lopolla hakaakang letsohong la ka!’”+
-
-
Pesaleme 2:2Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
Balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe+
Khahlanong le Jehova+ le khahlanong le motlotsuoa+ oa hae,
-
Daniele 3:15Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
15 Joale haeba le itokisitse e le hore ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa e likhutlo li tharo, seletsa se likhoele, le phala e nang le mokotlana oa moea le liletsa tsa ’mino tsa mefuta eohle,+ le itihele fatše ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng, ke hantle. Empa haeba le sa rapele, ka motsotso oona oo le tla lahleloa ka sebōping se tukang sa mollo. Molimo eo ke mang ea ka le pholosang matsohong a ka?”+
-
-
-