Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 13:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ka tsoela pele ho bolella Balevi+ hore ba lokela ho itlhoekisa+ kamehla le ho kena, ba lebele liheke+ ho halaletsa+ letsatsi la sabatha. Sena, le sona, u se hopole+ ka lebaka la ka, Molimo oa ka, ’me u nkutloele bohloko ho ea ka bongata ba mosa oa hao o lerato.+

  • Pesaleme 20:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 E se eka a ka hopola linyehelo tsohle tsa hao tsa mpho,+

      E se eka a ka amohela nyehelo ea hao ea secheso e le e nonneng.+ Selah.

  • 1 Bakorinthe 15:58
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 58 Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng,+ ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena,+ le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela+ mabapi le Morena.

  • Baheberu 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso+ la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli+ ’me le tsoela pele ho sebeletsa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela