Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, oa ba ntlhoileng;+

  • Deuteronoma 5:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 U se ke ua li inamela kapa ua khanneloa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara le ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, ho ba ntlhoeang;+

  • Baahloli 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 E ne e re ha moahloli a shoa ba retelehe ’me ba etse ka mokhoa o senyang ho feta bo-ntat’a bona ka ho latela melimo e meng ho e sebeletsa le ho e inamela.+ Ha baa ka ba ithiba liketsong tsa bona le boitšoarong ba bona bo manganga.+

  • 2 Likronike 25:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Empa joale eitse ka mor’a hore Amazia a tle a tsoa bolaea Baedomo a tlisa melimo+ ea bara ba Seire ’me a ikemisetsa eona e le melimo,+ eaba o qala ho inama+ ka pel’a eona, ’me a qala ho e etsetsa mosi oa sehlabelo.+

  • Habakuke 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “‘Ho malimabe ea reng ho sekoto sa lehong: “Tsoha!” ho lejoe le sa tsebeng ho bua: “Tsoha! Se tla fana ka thupelo”!+ Bonang! Se koahetsoe ka khauta le silevera,+ ’me ho hang ha ho phefumoloho ka hare ho sona.+

  • Tšenolo 9:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Empa batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolaoa ke likotlo tsena ha baa ka ba bakela mesebetsi ea matsoho a bona,+ e le hore ba se ke ba rapela bademona+ le litšoantšo tse rapeloang tsa khauta le silevera+ le koporo le lejoe le lehong, tse ke keng tsa bona kapa tsa utloa kapa tsa tsamaea;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela