23 etsoe ha a bona bana ba hae, mosebetsi oa matsoho a ka, ho eena,+ ba tla halaletsa lebitso la ka,+ ’me ka sebele ba tla halaletsa Mohalaleli oa Jakobo,+ ’me ba talime Molimo oa Iseraele ka tšabo e nang le tlhompho.+
21 Ha e le batho ba hao, kaofela ha bona e tla ba ba lokileng;+ ba tla rua naha ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ lehlōmela la seo ke se lemileng,+ mosebetsi oa matsoho a ka,+ hore ke tlotlisoe.+
19 Ke itse, ‘Ke u behile har’a bara ’me ke u file naha e lakatsehang hakaakang,+ lefa la mokhabiso la mabotho a lichaba!’ Hape ke itse, ‘“Ntate!”+ Le tla hoeletsa ho ’na, ’me le ke ke la tlohela ho ntatela.’
10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+