15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+
27 Ho feta moo, Esaia oa hoeletsa malebana le Iseraele: “Le hoja palo ea bara ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la leoatle,+ ke masala a tla pholosoa.+