13 Eaba Jehova o re ho ’na: “E lahlele polokelong ea matlotlo+—tekanyo e khōlō eo ke lekantsoeng ka eona ponong ea bona.”+ Tumellanong le hoo ka nka likotoana tse mashome a mararo tsa silevera ’me ka li lahlela polokelong ea matlotlo ka tlung ea Jehova.+
13 Molimo oa Abrahama le oa Isaka le oa Jakobo,+ Molimo oa baholo-holo ba rōna, o tlotlisitse+ Mohlanka+ oa hae, Jesu, eo lōna, le ileng la nehelana+ ka eena ’me la mo latola ka pel’a sefahleho sa Pilato, ha a ne a entse qeto ea ho mo lokolla.+