7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+
16 eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe,+ ea lulang leseling+ le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.+ Ho eena e be tlhompho+ le bonatla bo sa feleng. Amen.