Genese 32:30 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 30 Kahoo Jakobo a reha sebaka seo lebitso la Peniele,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Ke bone Molimo lifahleho li talimane ’me leha ho le joalo moea oa ka o lopolotsoe.”+ Exoda 33:20 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 20 Eaba oa eketsa: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”+ Baahloli 6:22 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 22 Ka lebaka leo Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ Hang-hang Gideone a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ka lebaka la hore ebe ke bone lengeloi la Jehova lifahleho li talimane!”+ Baahloli 13:22 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 22 Ka lebaka leo Manooa a re ho mosali oa hae: “Ka sebele re tla shoa,+ hobane re bone Molimo.”+ Johanne 1:18 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 18 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako+ leha e le efe; molimo+ ea tsoetsoeng a ’notši ea sefubeng+ sa Ntate ke eena ea mo hlalositseng.+ Johanne 4:24 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 24 Molimo ke Moea,+ ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.”+
30 Kahoo Jakobo a reha sebaka seo lebitso la Peniele,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Ke bone Molimo lifahleho li talimane ’me leha ho le joalo moea oa ka o lopolotsoe.”+
20 Eaba oa eketsa: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.”+
22 Ka lebaka leo Gideone a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ Hang-hang Gideone a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ka lebaka la hore ebe ke bone lengeloi la Jehova lifahleho li talimane!”+
18 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako+ leha e le efe; molimo+ ea tsoetsoeng a ’notši ea sefubeng+ sa Ntate ke eena ea mo hlalositseng.+