Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 56:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ke tla boela ke ba tlise thabeng+ ea ka e halalelang ’me ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.+ Linyehelo+ tsa bona tsa secheso tse feletseng le mahlabelo+ a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.+ Etsoe ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+

  • Esaia 66:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba tla tlisa barab’abo lōna bohle lichabeng+ tsohle e le mpho ho Jehova,+ ka lipere le ka likoloi le ka likoloi tse khurumelitsoeng le ka limmoulo le ka likamele+ tse tšehali tse lebelo, ho nyolohela thabeng+ ea ka e halalelang, Jerusalema,” ho boletse Jehova, “feela joalokaha bara ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova.”+

  • Ezekiele 20:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+

  • Joele 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna,+ ea lulang Sione thabeng ea ka e halalelang.+ Jerusalema e tla fetoha sebaka se halalelang;+ ha e le basele, ba ke ke ba hlola ba feta ho eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela