Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang,+ ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.”+

  • Pesaleme 37:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ba lokileng ba tla rua lefatše,+

      Ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.+

  • Esaia 49:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u arabetse ka nako ea kamohelo,+ ’me ke u thusitse ka letsatsi la poloko;+ ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena joaloka selekane bakeng sa batho,+ hore u etse hore naha e boele e be le baahi,+ ho etsa hore mafa a entsoeng lesupi a ruuoe hape,+

  • Matheu 25:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 “Joale morena o tla re ho ba ka ho la hae le letona, ‘Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate,+ le rue+ ’muso+ oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.+

  • Johanne 10:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 “Ke na le linku+ tse ling, tseo e seng tsa lesaka+ lena; le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe+ la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa+ a be mong.

  • 2 Petrose 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Empa ho na le maholimo a macha+ le lefatše le lecha+ tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.+

  • Tšenolo 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo,+ boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng+ tsohle le melokong eohle le bathong bohle+ le malemeng+ ’ohle, bo eme ka pel’a terone+ le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu;+ ’me ho ne ho e-na le makala+ a palema matsohong a bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela