Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 10:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka sebele letsatsing leo ba setseng ba Iseraele+ le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlang,+ ’me ka sebele ba tla itšetleha ka Jehova, Mohalaleli oa Iseraele,+ ka ’nete.+

  • Jeremia 23:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 empa ba tla re, ‘Jehova oa phela ea ntšitseng le ea tlisitseng bana ba ntlo ea Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo ke ba qhalakanyelitseng ho tsona,’ ’me ka sebele ba tla lula naheng ea bona.”+

  • Zakaria 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 ‘Etsoe ho tla ba le peō ea khotso;+ sefate sa morara se tla fana ka litholoana tsa sona,+ ’me lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona,+ le maholimo a tla fana ka phoka ea ’ona;+ ’me ka sebele ke tla etsa hore ba setseng+ ba sechaba sena ba rue lintho tsena tsohle.+

  • Baroma 11:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 ’me ka mokhoa ona Baiseraele+ bohle ba tla pholosoa. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Molopolli o tla tsoa Sione+ ’me a tlose litloaelo tse se nang bomolimo ho Jakobo.+

  • 1 Petrose 2:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Empa le “morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang,+ batho bakeng sa letlotlo le khethehileng,+ e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang”+ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela