3 Etsoe Mordekai Mojuda e ne e le oa bobeli+ ho Morena Assueruse ’me a le moholo har’a Bajuda ’me a amoheleha ho letšoele la barab’abo, a sebetsa se molemo bakeng sa batho ba habo ’me a bolela khotso+ ho bana bohle ba bona.
29 Ka nako eo Belshatsare a laela, ’me ba apesa Daniele bopherese, ba mo roesa sefaha sa khauta molaleng; ba tsebahatsa malebana le eena hore o ne a tla fetoha ’musi oa boraro ’musong.+
3 Joale Daniele enoa o ne a ikhetholla ka ho tsitsitseng+ ho balaoli ba phahameng le babusisi ba liprofinse, kahobane moea o sa tloaelehang o ne o le ho eena;+ ’me morena o ne a rera ho mo phahamisa hore a okamele ’muso oohle.