Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo a nyolla morena oa Bakalde+ khahlanong le bona, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole+ ka tlung ea sehalalelo+ sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.+ A nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae.

  • Jeremia 51:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Babylona e ’nile ea e-ba senoelo sa khauta letsohong la Jehova,+ sa tahisa lefatše lohle.+ Lichaba li tahiloe ke veine ea eona.+ Ke ka lebaka leo lichaba li ntseng li etsa ka bohlanya.+

  • Ezekiele 29:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang, ke nehelana ka naha ea Egepeta ho Nebukadrezare morena oa Babylona,+ ’me o tla nka leruo la eona a hape thepa e ngata ea eona+ le ho e tlatlapa haholo; ’me e tla ba moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.’

  • Daniele 5:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ka lebaka la boholo boo A ileng a mo fa bona, batho bohle, lichaba le lipuo ba ile ba thothomela le ho bontša tšabo ka pel’a hae.+ O ne a bolaea eo a batlang ho mo bolaea; ’me o ne a otla eo a batlang ho mo otla; ’me o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa; le ho kokobetsa eo a batlang ho mo kokobetsa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela