Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ka sebele ntlo ea hao le ’muso oa hao e tla ba tse tiileng ka pel’a hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang; terone ea hao e tla tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+

  • Esaia 9:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+

  • Jeremia 23:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlahisetsa Davida lehlōmela le lokileng.+ Ka sebele morena o tla busa+ ’me a etse ka masene ’me a phethise toka le ho loka naheng.+

  • Daniele 7:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A fuoa bobusi+ le ho hlompheha+ le ’muso,+ hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela