11 Eaba ke re: “E tla ba halelele hakae, Jehova?”+ Joale a re: “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi;+
14 Ho hlahile moferefere har’a batho ba lōna,+ ’me metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane kaofela e tla tlatlaptjoa,+ joaloka ho tlatlaptjoa ha ba ntlo ea Arbele ke Shalmane, letsatsing la ntoa ha ’mè a ne a robakanngoa haufi le bara ba hae.+
11 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho na le mohanyetsi ho potoloha naha,+ ’me ka sebele o tla theola matla a lōna ho lōna, ’me litora tsa lōna tsa bolulo li tla tlatlapuoa.’+