3 Ba bolailoeng ho tsona ba tla ntšetsoa ka ntle; ha e le litopo tsa bona, monko oa tsona o mobe o tla nyoloha;+ ’me lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la mali a tsona.+
3 “‘Ke tla beha malapa a mane hore a ba okamele,’+ ho bolela Jehova, ‘sabole bakeng sa ho bolaea, le lintja bakeng sa ho hulanya, le libōpuoa tse fofang tsa maholimo+ le liphoofolo tsa lefatše bakeng sa ho ja le ho senya.
4 Ke tla u tlohela naheng. Ke tla u betsetsa holim ’a naha.+ Ke tla etsa hore libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo li lule holim ’a hao, ’me ke tla khotsofatsa libata tsa lefatše lohle ka uena.+
17 Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana+ kaofela tse fofang sebakeng: “Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo,