Liproverbia 19:21 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 21 Merero e ka pelong ea motho e mengata,+ empa morero oa Jehova o tla ema o tiile.+ Liproverbia 21:30 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 30 Ha ho bohlale, leha e le temoho efe kapa efe, kapa morero ofe kapa ofe o hanyetsang Jehova.+ Esaia 19:11 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 11 Ka sebele likhosana tsa Zooane+ ke maoatla. Ha e le ba bohlale ho baeletsi ba Faro, keletso ea bona ha e na kahlolo e molemo.+ Le tla bua joang ho Faro le re: “Ke ’na mora oa ba bohlale, mora oa marena a boholo-holo”? 1 Bakorinthe 3:20 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 20 Hape: “Jehova oa tseba hore menahano ea batho ba bohlale ke lefeela.”+
11 Ka sebele likhosana tsa Zooane+ ke maoatla. Ha e le ba bohlale ho baeletsi ba Faro, keletso ea bona ha e na kahlolo e molemo.+ Le tla bua joang ho Faro le re: “Ke ’na mora oa ba bohlale, mora oa marena a boholo-holo”?