Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 8:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+

  • Esaia 44:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ke nyopisa lipontšo tsa ba buang lefeela, ’me ke ’na Ea etsang hore linohe li etse ka bohlanya;+ Ea khutlisetsang banna ba bohlale morao, le Ea fetolang tsebo ea bona booatla;+

  • Liketso 16:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Eare ha re ntse re e-ea sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le itseng le nang le moea,+ modemona oa bonohe,+ la re khahlanyetsa. Le ne le ruisa+ beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.

  • Tšenolo 18:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 ’me ha ho leseli la lebone leo le ka mohla le tla boela le khanye ho uena, ’me ha ho lentsoe la monyali le la monyaluoa leo le ka mohla le tla boela le utloahale ho uena;+ hobane bahoebi+ ba hao ba tsamaeang e ne e le banna ba boemong bo ka sehloohong+ ba lefatše, kaha ka ho tloaela ha hao ho sebelisana le meea+ lichaba kaofela li ile tsa khelosoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela