Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Molebeli+ o ne a eme holim ’a tora+ Jezriele,+ eaba o bona letšoele le nyolohang la banna ba Jehu ha a tla, ’me hang-hang a re: “Ke bona letšoele le nyolohang la banna.” Eaba Jorame o re: “Nka monna ea palameng pere ’me u mo romele ho ba khahlanyetsa, ’me u re a re, ‘Na khotso e teng?’”+

  • Esaia 62:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Uena Jerusalema, ke behile balebeli marakong a hao.+ Motšehare oohle le bosiu bohle, kamehla, ba se ke ba lula ba tsitsitse.+

      “Lōna ba buang ka Jehova,+ le se ke la khutsa,+

  • Jeremia 51:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Phahamisang pontšo khahlanong le marako a Babylona.+ Etsang hore tebelo e be matla.+ Behang balebeli. Lokisang ba lallang.+ Etsoe Jehova o rerile ’me ka sebele o tla etsa seo a se buileng khahlanong le baahi ba Babylona.”+

  • Ezekiele 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Mor’a motho, ke u entse molebeli ho ba ntlo ea Iseraele,+ u tla utloa polelo e tsoang molomong oa ka ’me u ba fe temoso e tsoang ho ’na.+

  • Ezekiele 33:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 ’me ka sebele a bona sabole e tla naheng ’me a letsa lenaka le ho lemosa sechaba,+

  • Habakuke 2:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ke tla ’ne ke eme+ sebakeng sa ka sa ho lebela, ’me ke tla ’ne ke eme holim ’a lerako la tšireletso; ke tla lula ke lebetse,+ ho bona seo a tla se bua ka ’na+ le seo ke tla araba ka sona ha ke khalemeloa.+

  • Matheu 24:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba+ le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela