Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong+ le ho sebelisa bonohe+ le ho batla lipontšo tsa se tlang,+ ’me ba ’na ba ithekisetsa+ ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa;+

  • 2 Likronike 28:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+

  • 2 Likronike 33:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 A fetisa bara ba hae mollong+ phuleng ea mora oa Hinome,+ ’me a sebelisa boselamose+ le ho sebelisa bonohe+ le ho sebelisa boloi+ ’me a etsa hore ho be le ba buisanang+ le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.+

  • Pesaleme 106:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+

      Mali a bara ba bona le barali ba bona,

      Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+

      Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+

  • Esaia 57:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō,+ tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela