Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo ba hana ho mamela,+ ’me ha baa ka ba hopola+ liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng ua li etsa ka bona, empa ba satalatsa melala ea bona+ ’me ba beha eo e leng hlooho+ hore ba khutlele bohlankeng ba bona Egepeta. Empa u Molimo oa liketso tsa tšoarelo,+ ea mosa+ le ea mohau,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng+ mosa o lerato, ’me ha ua ka ua ba tlohela.+

  • Nehemia 9:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Le hoja u ne u paka+ khahlanong le bona ho ba khutlisetsa molaong oa hao,+ ba ile ba iketelletsa pele+ ’me ba se ke ba mamela litaelo tsa hao; ba siteloa+ liqeto tsa hao tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka li phetha, a tlang ho boela a phele ka tsona.+ Ba ’na ba etsa manganga,+ ba satalatsa melala ea bona,+ ’me ba se ke ba mamela.+

  • Jeremia 7:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Empa ha baa ka ba ’mamela, ’me ha baa ka ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba satalatsa melala.+ Ba ile ba etsa hampe ho feta baholo-holo ba bona!+

  • Jeremia 17:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ ’me ba satalatsa melala ea bona+ e le hore ba se ke ba utloa le hore ba se ke ba amohela taeo.”’+

  • Zakaria 7:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Lipelo+ tsa bona ba li beha e le lejoe la emeri hore ba se ke ba mamela molao+ le mantsoe ao Jehova oa mabotho a a rometseng ka moea oa hae,+ ka baprofeta ba pele;+ hoo Jehova oa mabotho a ileng a halefa haholo.”+

  • Liketso 7:51
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 “Banna ba manganga le ba sa bollang lipelong+ le litsebeng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang; joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba etsa, le lōna le etsa joalo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela