Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 25:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale ba tšoara morena+ ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona Ribla,+ e le hore ba ka phatlalatsa qeto ea boahloli holim ’a hae.

  • 2 Likronike 36:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo a nyolla morena oa Bakalde+ khahlanong le bona, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole+ ka tlung ea sehalalelo+ sa bona, hape ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.+ A nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae.

  • Jeremia 37:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Morena Tsedekia a romeletsa ’me a mo tlisa, eaba morena o qala ho mo botsa lipotso ka tlung ea hae sebakeng seo ho ipatoang ho sona.+ A tsoela pele ho re: “Na ho na le lentsoe le tsoang ho Jehova?” Eaba Jeremia o re: “Le teng!” A boela a re: “Ho tla nehelanoa ka uena letsohong la morena oa Babylona!”+

  • Jeremia 39:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho ba lelekisa,+ ’me ba fihlela Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Joale ba mo nka ’me ba mo tlisa ho Nebukadrezare morena oa Babylona Ribla+ naheng ea Hamathe+ e le hore a phatlalatse liqeto tsa boahloli ho eena.+

  • Jeremia 52:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+

  • Ezekiele 17:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me ka sebele o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona ke kene kahlolong le eena moo mabapi le ho se tšepahale ha hae hoo a ho entseng khahlanong le ’na.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela