19 A chesa ntlo ea Molimo+ oa ’nete le ho heletsa lerako+ la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang,+ e le hore ba bake tšenyo.+
27 “‘“Empa haeba le sa ’mamele ka ho halaletsa letsatsi la sabatha le ka ho se jare mojaro,+ empa le kena ka oona lihekeng tsa Jerusalema ka letsatsi la sabatha, ke tla hotetsa mollo lihekeng tsa eona,+ ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema+ ’me o ke ke oa tima.”’”+
2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E-ea, ’me u re ho Tsedekia morena oa Juda,+ e, u re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babylona,+ ’me o tla o chesa ka mollo.+
10 Etsoe haeba le ne le bolaile lebotho lohle la Bakalde ba le loantšang+ ’me ho bona ho ne ho setse banna ba hlabiloeng,+ ba ne ba tla phahama e mong le e mong tenteng ea hae ’me ba chese motse ona ka mollo.”’”