Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Jehova a ’na a lemosa+ Baiseraele+ le Bajuda+ ka baprofeta+ bohle ba hae le ka e mong le e mong ea bonang lipono,+ a re: “Furallang litsela+ tsa lōna tse mpe ’me le boloke litaelo+ tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ho ea ka molao+ oohle oo ke o laetseng baholo-holo+ ba lōna le oo ke o rometseng ho lōna ka bahlanka ba ka baprofeta”;+

  • Jeremia 7:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Joale ka lebaka la hore le ’nile la etsa mesebetsi ena eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ka la mamela,+ ke ’nile ka le bitsa, empa ha lea ka la araba,+

  • Jeremia 11:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe ke elelitse baholo-holo ba lōna ka tieo letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena, ke tsoha hoseng ke eletsa, ke re: “Mamelang lentsoe la ka.”+

  • Jeremia 25:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Ho tloha selemong sa leshome le metso e meraro sa Josiase+ mora oa Amone, morena oa Juda, ho fihlela letsatsing lena, lentsoe la Jehova le hlahile ho ’na ka lilemo tsena tse mashome a mabeli a metso e meraro, ’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ’me ke bua, empa ha lea ka la mamela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela