14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+
15 “‘Etsoe ha kea ba romela,’ ho bolela Jehova, ‘empa ba profeta ka bohata ka lebitso la ka, e le hore ke le qhalakanye,+ ’me le tla lokela ho timela,+ lōna le baprofeta ba le profetelang.’”+
31 “Romeletsa ho batho bohle ba isitsoeng kholehong,+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le Shemaia oa Nehelame: “Ka lebaka la hore Shemaia o le profetetse, empa ke sa ka ka mo roma, ’me o lekile ho etsa hore le tšepe leshano,+
3 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe baprofeta ba hlokang kelello,+ ba latelang meea ea bona,+ le hoja ho se letho leo ba le boneng!+
3 Haeba monna a ka boela a profeta, ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, le bona ba tla re ho eena, ‘U ke ke ua phela, hobane u buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntat’ae le ’m ’ae, ba mo tsoetseng, ba tla mo hlaba ka lebaka la ho profeta ha hae.+
26 “Ho malimabe lōna, neng kapa neng ha batho bohle ba le bua hantle, kaha lintho tse kang tsena ke tsona tseo baholo-holo ba bona ba ileng ba li etsa baprofeta ba bohata.+