Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Karolong e qetellang ea matsatsi+ thaba ea ntlo+ ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim ’a litlhōrō tsa lithaba,+ ’me ka sebele e tla phahamela maralla;+ lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+

  • Esaia 60:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao,+ le marena+ a ee khanyeng ea leseli la hao.+

  • Mikea 4:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: “Tloong,+ ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo;+ o tla re rupela ka litsela tsa hae,+ ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”+ Etsoe molao o tla tsoa Sione, ’me lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+

  • Zakaria 2:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo,+ ’me li tla fetoha batho ba ka;+ ’me ke tla lula ka hare ho uena.” U tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile ho uena.+

  • Zakaria 8:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba+ ba tla tšoara,+ e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda,+ ba re: “Re tla tsamaea le lōna,+ etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”’”+

  • Tšenolo 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo,+ boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng+ tsohle le melokong eohle le bathong bohle+ le malemeng+ ’ohle, bo eme ka pel’a terone+ le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu;+ ’me ho ne ho e-na le makala+ a palema matsohong a bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela