Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 16:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe, ha e le Jehova, mahlo+ a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše+ lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo+ tsa bona li feletseng ho eena. U entse ka booatla+ mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”+

  • Jobo 34:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Etsoe mahlo a hae a holim ’a litsela tsa motho,+

      O bona mehato eohle ea hae.

  • Pesaleme 33:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Jehova o talimile a le maholimong,+

      O bone bara bohle ba batho.+

  • Pesaleme 66:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 O busa ka matla a hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

      Mahlo a hae a lula a lebetse lichaba.+

      Ha e le ba manganga, ba se ke ba iphahamisa.+ Selah.

  • Liproverbia 5:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Etsoe litsela tsa motho li ka pel’a mahlo a Jehova,+ ’me o nahanisisa ka litsela tsohle tsa hae.+

  • Liproverbia 15:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng,+ a lula a talimile ba babe le ba molemo.+

  • Baheberu 4:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong+ a hae, empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello+ ho eena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela