Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 6:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Kahoo Jehova a re ho Moshe: “Joale u tla bona seo ke tla se etsa ho Faro,+ hobane ka lebaka la letsoho le matla o tla ba tlohela hore ba tsamaee ’me ka lebaka la letsoho le matla o tla ba leleka naheng ea hae.”+

  • Exoda 15:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ba tla tšoha ’me ba tšabe.+

      Ka lebaka la boholo ba letsoho la hao e tla ba ba sa sisinyeheng joaloka lejoe,

      Ho fihlela sechaba+ sa hao se feta, Jehova,

      Ho fihlela sechaba seo u se hlahisitseng+ se feta.+

  • Deuteronoma 26:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Qetellong Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla+ le ka letsoho le otlolohileng+ le ka ho tšabeha ho hoholo+ le ka lipontšo le ka mehlolo.+

  • 1 Likronike 17:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ke sechaba sefe se seng lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele,+ seo Molimo oa ’nete a ileng a itopollela sona e le sechaba,+ ho iketsetsa lebitso la lintho tse khōlō tse finyeletsoeng+ le lintho tse tšosang ka ho leleka lichaba+ ka pel’a sechaba sa hao seo u se lopolotseng Egepeta?

  • Pesaleme 136:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng:+

      Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang;

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela