Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 15:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ Ha aa ka a furalla libe tsohle tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ ka matsatsi ’ohle a hae.

  • 2 Marena 17:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 moo libakeng tsohle tse phahameng ba tsoela pele ho etsa mosi oa sehlabelo joaloka lichaba+ tseo Jehova a neng a li isitse kholehong ka lebaka la bona, ’me ba ’na ba etsa lintho tse mpe ho siteloa+ Jehova;

  • 2 Marena 17:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ka hona Jehova a tukela Baiseraele ka bohale,+ hoo a ileng a ba tlosa ponong+ ea hae. Ha aa ka a siea leha e le mang haese moloko oa Juda feela.+

  • Jeremia 7:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “‘Leha ho le joalo, e-eang, joale, sebakeng sa ka se neng se le Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele,+ ’me le bone seo ke se entseng sona ka lebaka la bobe ba sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • Jeremia 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Jehova oa mabotho, Molemi oa hao,+ o boletse tlokotsi khahlanong le uena ka lebaka la bobe boo ba ntlo ea Iseraele+ le ba ntlo ea Juda ba bo entseng ka hore ba ntšiteloe ka ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela