Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 16:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 “Lebohang Jehova;+ le ipiletse lebitsong la hae,+

      Tsebahatsang liketso tsa hae har’a lichaba!+

  • 2 Likronike 5:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 eitse hang ha liletsi tsa literompeta le libini li le joaloka motho a le mong+ ka ho etsa hore molumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utloahale, le hang ha li phahamisitse molumo ka literompeta le licymbala le ka liletsa tsa pina+ le ka ho rorisa+ Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” ntlo ea tlala leru,+ ntlo ea Jehova,+

  • Esdrase 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba qala ho arabela ka ho rorisa+ le ho leboha Jehova, “etsoe o molemo,+ kaha mosa oa hae o lerato ho Iseraele o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+ Ha e le batho bohle, ba hooa ka mohoo o phahameng+ ka ho rorisa Jehova ka lebaka la ho raloa ha motheo oa ntlo ea Jehova.

  • Pesaleme 89:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 Etsoe ke itse: “Mosa o lerato o tla lula o hahiloe esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+

      Ha e le maholimo, u boloka botšepehi ba hao bo tiile ka thata ho ’ona.”+

  • Esaia 12:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Letsatsing leo ka sebele le tla re: “Lebohang Jehova!+ Ipiletseng lebitsong la hae.+ Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng.+ Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng.+

  • Mikea 7:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ke mang Molimo ea kang uena,+ ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo+ ea masala a lefa la hae?+ Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela