11 “‘“Etlare ha matsatsi a hao a phethahetse a hore u tsamaee u be le baholo-holo ba hao,+ ka sebele ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao eo e tlang ho ba e mong oa bara ba hao,+ ’me ruri ke tla tiisa borena+ ba hae ka thata.
2 Letsatsing leo seo Jehova a se melisang+ se tla sebelisetsoa mokhabiso le khanya,+ ’me litholoana tsa naha e tla ba seo ho ithorisoang ka sona+ le se setle bakeng sa ba phonyohileng ba Iseraele.+
2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+
5 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlahisetsa Davida lehlōmela le lokileng.+ Ka sebele morena o tla busa+ ’me a etse ka masene ’me a phethise toka le ho loka naheng.+
8 “‘Ka kōpo, utloa Uena moprista ea phahameng Joshua, uena le metsoalle ea hao e lutseng ka pel’a hao, kaha ke banna ba sebeletsang e le limakatso;+ etsoe bona! ke tlisa mohlanka+ oa ka Lehlōmela!+
“‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke enoa monna+ eo lebitso la hae e leng Lehlōmela.+ O tla hlōmela sebakeng sa hae, ’me ka sebele o tla haha tempele ea Jehova.+
16 “‘’Na, Jesu, ke ile ka romela lengeloi la ka hore le le pakele lintho tsena bakeng sa liphutheho. Ke ’na motso+ le ngoana+ oa Davida, le naleli e khanyang ea hoseng.’”+