Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Setopo sa hao se tla fetoha lijo tsa sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo le phoofolo ea naha, ho se ea etsang hore li thothomele.+

  • 1 Marena 14:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Oa Jeroboame ea shoelang motseng, lintja li tla mo ja;+ ea shoelang naheng, linonyana tsa maholimo li tla mo ja,+ hobane Jehova o ho buile.”’

  • Pesaleme 79:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 Li file linonyana tsa maholimo litopo tsa bahlanka ba hao hore e be lijo,+

      Li file libata tsa lefatše linama tsa ba tšepahalang ba hao.+

  • Jeremia 7:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Litopo tsa sechaba sena e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tsa lefatše, ho se ea li tšosang.+

  • Jeremia 16:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ‘Ba tla bolaoa ke mafu.+ Ba ke ke ba lleloa,+ kapa ba patoa.+ Ba tla fetoha moiteli holim ’a lefatše;+ ’me ba tla felisoa ka sabole le ke tlala,+ ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le tsa liphoofolo tsa lefatše.’+

  • Jeremia 19:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ke tla etsa morero oa Juda le oa Jerusalema lefeela sebakeng sena,+ ’me ke tla etsa hore ba lihuoe ka sabole ka pel’a lira tsa bona le ke letsoho la ba batlang meea ea bona.+ Ke tla fa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tsa lefatše litopo tsa bona hore e be lijo tsa tsona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela