15 “Etlare haeba u sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno, le bomalimabe bona bohle bo tla tla holim ’a hao ’me bo u fihlele:+
15 Feela joalokaha lentsoe lohle le molemo leo Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng lona le tlile holim ’a lōna,+ Jehova o tla le tlisetsa joalo lentsoe lohle le lebe ho fihlela a le felisitse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona,+
27 Empa Jehova a re: “Juda,+ le eona, ke tla e tlosa ponong ea ka,+ feela joalokaha ke tlositse Iseraele;+ ka sebele ke tla lahla motse ona oo ke o khethileng, eona Jerusalema, le ntlo eo ka eona ke itseng, ‘Lebitso la ka le tla hlola moo.’”+
3 “‘Ke tla beha malapa a mane hore a ba okamele,’+ ho bolela Jehova, ‘sabole bakeng sa ho bolaea, le lintja bakeng sa ho hulanya, le libōpuoa tse fofang tsa maholimo+ le liphoofolo tsa lefatše bakeng sa ho ja le ho senya.
12 Ka hona ka lebaka la lōna Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela, le Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea ntlo e tla ba joaloka libaka tse phahameng tsa moru.