Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 25:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo+ ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo ea monna e mong le e mong e moholo a e chesa ka mollo.+

  • 2 Likronike 34:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba etselitse melimo+ e meng mosi oa sehlabelo, e le hore ba ntšiteloe+ ka liketso tsohle tsa matsoho+ a bona hape e le hore khalefo+ ea ka e ka tšolohela sebakeng sena ’me e se ke ea tima.’”+

  • 2 Likronike 36:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+

  • Jeremia 7:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena,+ molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+

  • Jeremia 39:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Bakalde ba chesa ntlo ea morena le matlo a sechaba ka mollo,+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+

  • Jeremia 52:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Qetellong ka selemo sa borobong e le morena,+ ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome la khoeli, Nebukadrezare morena oa Babylona eena le lebotho lohle la hae la sesole, a futuhela Jerusalema,+ eaba ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho haha lerako le e thibellang ho pota-pota ka hohle.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 O hataketse seqha sa hae joaloka sera.+ Letsoho la hae le letona+ le otlolohile

      Joaloka mohanyetsi,+ ’me o ’nile a bolaea bohle ba khahlehang mahlong.+

      O tšolletse khalefo ea hae ka har’a tente+ ea morali oa Sione, feela joaloka mollo.+

  • Nahume 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ke mang ea ka emang ha a tobane le nyatso ea hae?+ Ke mang ea ka emang khahlanong le bohale ba hae bo tukang?+

      Ka sebele khalefo ea hae e tla tšolloa joaloka mollo,+ ’me mafika a tla heletsoa ka lebaka la hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela